Malakabe
lerato lena ke mollo
mosi wa lona ha o hloke
patsi le disu hore o kunkele
o thunya ka pelong
ha ke batle ho bua ka malakabe
mashala a lona ke a tshaba
ke nna ona ke molora
le ntjele la nqeta
Sebankanyana le Motsotso
tshupa nako ha e na motsotsonyana
ofetang dihora ka monyaka empa nna le wena
ha re ka o fumana motsotso
metsotswana e tla tswala
thabo le nyakallo
ya pale ya lerato
e tla phelang ka ho sa feleng
ditshomong le dipineng
tse tla binwang ho isa
molokong wa ho qetela
Ha Ke o Hopola
Mahlo a ka a tlala bofufu
Le kutlo ha ke sa na yona
Ho sasanka wena feela
Ka pelong ena e dumang
Ho dumaela wena feela
Ka hloohong ena e sa nkeng hantle
Ha Pelo Nkise
ka molomo ke sitwa
ho hlalosa tsela
tse mashome a mane
le mekgwa e menahaneng
eo ke lakatsang ho e sebedisa
ho tla ho wena botebong
ke tla butle ke tsamaya
le morethetho wa mofehelo wa hao
ke akofile ke fokalla
le sekgahla sa mohoo wa hao
matsoho aka a o matha hohle
leoto la hao le ile marulelong
le leng le sa itsebe le ho kae
aka ona ke sa utlwa hore
a matha thoteng di feng
ho phallang ele madi
maikutlo a ile ha pelo
ntshupise tsela, mmele o se o ile
*
mosuwe o nthutile bophelo
ka morethetho le dikapolelo
a nthuta hore lentswe
ke le bope jwang
noto ebe e feng
ha ke bina “hlooho, mahetla sefuba le letheka..”
empa wena o mosuwe hlooho
o nthutile melodi le methallere
noto ebe e feng
ha se ke tshetse
ka nqane ho puo
ke bina mmele, pelo lo moya
mangole ke se ke a tlotse